Thapelo ea Sesotho

Ithute thapelo ea Sesotho, u ithute setso sa Basotho, u tsebe ka moo Basotho ba rapelang ka teng kaha ba na le thapelo eo e leng ea bona.

Molimo oa leseli oa Rammolloki,
Molimo ak'u re utloe rea rapela,
Molimo o mocha rapela oa khale,
Ore rapelle ho e moholo Jere,
Mojari oa li ts'ito tsa batho,
Molimo o atla li maroba,
Atla li robekiloe ke hore shoela,
Atla li ts'oeu tsa Rammoloki Tlhatlha-Macholo,

Li ts'oeu ke ho bopa masea,
A manyenyane li bokothoane,
Bo-nkhono ba llela matlala,
Batla bona kang ba shoele,
Batla bona ka paka tsa mabitla,
Tlhatlha-Macholo,
Tlhatlha metsi aetse keleli ea mariha,
Hoba keleling o nchafatsa lichaba teng,
Lichaba li tsoang ho oena 'mopong,
Li tlang ho boela ho oena meahong,
Leseli............Khanya.


Conclusion

Re ithutile thapelo ea Sesotho, ra ithuta setso sa Basotho,ra tseba ka moo Basotho ba rapelang ka teng kaha ba na le thapelo eo e leng ea bona.