Liboko tsa Basotho
Ithute liboko tsa Basotho le liphoofolo tseo ba anang ka tsona, u ithute sechaba sa Basotho, u tsebe Basotho ka botlalo, u itsebe.
Bakoena
Ba ana koena.
Koena ke noha e lulang metsing e phelang ka ho ja nama ea liphoofolo tse ling 'me e khona le ho phela kantle ho metsi, se na se bolela hore e ka tsoela kantle ho metsi. Ke phoofolo e kotsi haholo ho batho 'me e nkoa e le engoe ea mefuta ea linoha.
Bafokeng
Ba ana mutlanyane.
Moutloanyane ke phoofolo e lulang hara naha moferong kapa morung e phelang ka ho fula litlamatlama 'me ke phoofolo e lebelo ebileng e leng letsoalo kahofitisisa. Ha e kotsi ho batho kaha ha e bona motho fela ea baleha.
Bataung
Ba ana tau.
Tau ke sebata, phoofolo e hlaha e lulang hara naha e phelang ka ho ja liphoofolo tse ling, e phela ka nama 'me ke e ngoe ea liphoofolo tse kotsi ka hofitisisa bathong le liphoofolong hobane ea li bolaea e li je.
Bakubung
Ba ana kubu.
Kubu ke phoofolo e lulang metsing e phela hara naha.
Batloung
Ba ana tlou.
Tlou ke phoofolo e hlaha e kholo haholo ebileng eleng boima haholo papisong le liphoofolo tse ling tse hlaha. E lula hara naha 'me e phela ka ho fula joang le ho ja lifate. Tlou ha se phoofolo e kotsi ho batho kaha e ka se be khahlanong le motho joalo ka tau kapa phoofolo tse ling tse kotsi.
Bakhatla
Ba ana lenong.
Lenong ke nonyana e lulang hara naha e phelang ka ho ja nama ea liphoofolo tse shoeleng.
Banareng
Ba ana nare.
Nare ke phoofolo e hlaha e lulang hara naha e ts'oanang le khomo empa eona e hlaha haholo, e phela ka ho ja joang 'me e fula joang joalo ka khomo. Kaha e hlaha e ntse e ka ba kotsi ho batho hobane le khomo e ntse e le kotsi empa motho a khona ho e laola.
Baphuthing
Ba ana phuthi.
Phuthi ke phoofolo e hlaha e lulang hara naha.
Basia
Ba ana katse.
Katse ke phoofolo e lulang hae kapa naheng ha e le setsetse e phela ka nama le lijo tse ling tseo batho ba lijang 'me ke phoofolo e bohlale e makhethe hofeta ntja. E ka ba kotsi ho liphoofolo tse kang likhoho hobane eka li bolaea ea li ja empa ha e kotsi ho batho kaha e ka phela le motho ka tlung 'me ke phoofolo e ithatang haholo ke ka hona e ka phelang le batho ka tlung.
Bats'oeneng
Ba ana ts'oene.
Ts'oene ke phoofolo e hlaha e lulang lithabeng kapa merung e phela ka ho ja litholoana, litlamatlama le phoofolo tse nyane joalo ka likokonyana. Ke phoofolo e ka bang kotsi ho batho ha ba ka e qala moo e phelang teng.
Makholokoe
A ana khoho.
Khoho ke nonyana e lulang hae eo batho ba e ruang molemong oa bona oa ho ja nama ea eona kapa mahe a eona ekasitana le ho e rekisa kapa ho rekisa mahe, e phela ka ho ja poone kapa lijo tse jeoang ke batho joalo ka papa, mabele le tse ling. Ha se nonyana e kotsi ho batho empa khoho enang le litsuonyana ea kobola ho ts'ireletsa litsuonyana tsa eona.
Makhoakhoa
A ana mokopu.
Mokopu ke setsoa mobung se hlahang morohong oa lihaba 'me ke sejo seo batho ba se jang ebile ba se pheha ka mekhoa le tsela tse fapaneng ho latela ka moo motho ka mong a ratang se phehoe ka teng. Balisana bona ba o pheha ka mokhoa oa ho o etsa sebutsoa-butsoane ha ba le naheng ebe ba tla ja ho be monate.
Matebele
A ana sefate.
Sefate ke semela 'me se na le mefuta e mengata joalo ka sa liperekisi le liapole eleng lifate tsa litholoana tse jeoang ke batho.
Conclusion
Re ithutile ka liboko tsa Basotho le liphoofolo tseo ba anang ka tsona, ra ithuta sechaba sa Basotho 'me re tseba Basotho ka botlalo.
Reference (mohloli):
Fezekile. F. (2011). Diboko tsa Basotho.